





Hele helele Basotho!
Bana ba ‘Mantsopa ea mots’oana.
Bana ba thari e nts’o, batho ba batle.
Batho ba tsejoang ke machaba ka khotso.
Khoeling ena linonyana li lula batho Lesotho.
Chaba sa Letlama se ea lilietsa, se ea nyanyaka.
Ke sehou ho theosa linokana le linoka.
Bo-Senqu, bo-Malibamats'o, bo-Mohokare.
Ke ao metsi, taemane ea rona Basotho e pharalla.
E tlala-tlala, e thala joalo ka namane ea Selemo.
E fetisa sehou sa menyakoe ea thabo ea Basotho.
Ka letsatsi la bone la khoeli ea Mphalane.
Basotho likoung tse ‘ne tsa lefats’e ba tletse thabo.
Ke letsatsi la sehopotso sa tokollo ea rona jokong ea Manyesemane.
Sechaba sa ho mengoa ke khaitseli ea khotso ka sebele.
A mema le baruti ba Mafora Paris ba tlisa sejakane Lesotho.
Ha a ntse a batlela sechaba sa hae khotso!
Thabang le nyakalle Basotho hohle moo le leng teng.
Mphalane ea 2024, mokotla o tletse tse monate.
Re keteka sehopotso sa lilemo tse 200 Lesotho e le naha.
Baroetsana le bahlankana ba khabile ka meaparo ea bochaba.
Bo-’m’e le bo-ntate ba qhetse likobo ka litsu, ba ikonka sa lipikoko.
Ba khabile ka mebala tlas’a leholimo le hlakileng la mabalane a Lesotho.
Le holimo-limo litsullung tsa lithaba tse nts’o tsa Lesothon ho joalo feela.
Mejametalana teng leholimo le khants’itsoe ka linaleli tsa maiketsetso.
Bang ba re linakangoeli tsa bosiu, bang ba re “fireworks”.
Bang ba re litaba li ea kae, ha re boeng ha lintho li bapala.
Lipenya sebakeng, li etsa metlae li thabisa mats’oele.
Khotso Pula le Nala Basotho hohle moo re leng teng!!